Metwaitwai, mabatla tjako;
Basotho, mamelang ha ke le lotha;
Ke lotha ka ona mofuta wa batho;
Mofuta o phelang tlase, kwano lefatsheng.

Ba re ke ma-aparakobo a matle;
Bana ba pepuweng ka thari ya tshepe;
Batho ba mmala ba jwang, ha ba se batsho;
Madinyane a kgudu, yena Rabasotho.

Moshweshwe, mothodi wa motheo, Thesele;
Thesele sebele, ntata Maafrika a matle;
Bana ba basehla, ba batsho, ba kopane;
Ha ho kgenthollo ya mmala hohang!;
Ke bana ba letlama la setlama, Moqhaka.

Tjhabana sa kgotso, le yona kutlwano;
Ke bua ka ona majapere ka sebele;
Ba na ba re, “Kgomo ke modimo o nko e metsi.”
Polelong tsa bona ba re; ha le fete kgomo le je motho!

Ba na ke dinatla tsa ho thothokiswa;
Ke re tadimang, Basotho ke dikgalala!
Ba na ke ba Nkgaodise, e motshwana;
Bana ba Thaba-bosiu, kgorong ya kgotla.

Bana ba Thesele, marwala-kgaebane;
Ba na ba hafa ka nkatana, ba qheshelaka!;
Bana ba thari e ntsho, ma-apara kobo!;
Bana ba seithati sa motho, Masetenane.

Hloohong tsa bona ke mokgabiso, Modi’anyewe!
Ha e le dikobo tsona, ke mantletse-ntletse;
Ba na ke bo mohlape-moitisi, mahaba temo;
Jang le siele ba mannete ya koma, Basotho.