(Ke femeng)

Mantšetse: Hao mme Moroesi! ha ke a o tlwaela o kena ofising ya ka ka mokgwa ona?

Moroesi: (O buela fatshe) Helang nnana! o nepile, ha ke motho le ho etela diofising ka nako ena ke ntse ke kgukguna, o ntshwarele.

Mantšetse: (Ka ho teneha) Jwale lebaka ke lefe? Ha e ka o motho a tlisitseng tshele? Ha ke utlwane le batho ba sebang.

Moroesi: Ha kaalo ha ke tlo seba nnana, ke tlo botsa ka enwa mokgotsi. Ho ne ho ena le ho hong a neng a batla ho nkumela hona. Jwale a sitwa, a re ha o so ka o bua taba tse felletseng ho yena, jwale ke ne ke batla ho utlwa ho tswa ho wena. Ke taba tse amanang le mosebetsi na?

Mantšetse: Jwale ha o mo tshepe na ka seo a o kumetseng?

Moroesi: (O buela tlase) Se ka phahamisa lentswe, e tswe o butsi le monyako, ra tshwana re utlwuwa ke bafeti ka tsela.

Mantšetse: (Ka lentswe le hodimo) Ke itse ha ke batle tshele le ho seba, motswadi hle! Hape ke na le mosebetsi o mongata.

Moroesi: Ao! le wena, e re ke tsamaye he! Re tla bua ha ke fumana sebaka. (O tsawa a ponne hobane ha a fuwa sebaka sa ho bua)