(Phupung ea Liteboho ke ’Mamoruti, Thabiso, Naleli, Palesa,’Mathabiso, Kobase le batho ba motseng, ba ‘maloa.)

Thabiso: Monna u fole hle. Ke masoabi e le ka nnete. Ke a tseba mantsoe a na a ka ha n’a etsa phetoho ea letho, empa ke a u rapella monn’eso, hore sehlabi sena se fole ka matsatsi ohle.

Teboho: Ke a leboha moshan’eso… Ke utloa ho ntse ho le boima hore ke amohele tsena tsohle, haholo hobane nna le ena ne se re setse re le babeli feela, re sena mang oe! K’ore ak’u bone feela le mona phupung ea hae batho ba ba kaenyana, hobane feela ba ne ba tseka hore e ne ele gay. Ha e le ‘M’e le Ntate bona, ba ne ba hle ba hlokahale kotsing ea koloi. Mangole a ka a’a tetema, ke utloa a hana ho njara.

‘Mamoruti: Theola moea Mofokeng, sohle se tlo loka. Re ka qala ts’ebeletso akere?

Teboho: E-ea ‘M’e Mamoruti, ha ho be joalo.

‘Mamoruti: Ke tla kopa moahisane a tle, a tlo bua, joalo ka ha bana ba na ba ik’ulisitse, ‘me ke moo lefu le se le nkile e mong oa bona.

(Hang-hang ‘Mathabiso a ilibana ‘me mali a motlotsitse mose oo a neng a o tenne tsatsing leo, ea ba ‘Thibang!, thibang!’.)

(Thabiso o ile a nyala Naleli, ‘m’e ba sitsoa ka ngoana moshemane kamora lefu la ‘m’e oa hae,’Mathabiso)

***

Potso: Ngoana ea seng a sena batsoali o bitsoa eng ka Sesotho?