(Thabiso, Naledi, Teboho le Palesa ba potapotile bethe, moo Liteboho a rapalletseng teng, Qoaling Filter Clinic)

Teboho: ‘M’e mooki, o bona e ka o tlo fola? (Menyepetsi e theoha marameng a hae)

Mooki: Ha ke na bonnete ba taba eno, hoba o lahlehetsoe ke mali a mangata haholo.

Thabiso: E ba le ts’epo monna hore o tlo fola, se ke oa lahla ts’epo tjena.… (O atamela Teboho, o leka ho mo khothatsa)

Naleli: Ke masoabi e le ka nnete, tsena tsohle ke phoso ea ka. (O ea lla)

Palesa: Le nna ke masoabi Teboho, ka ho etsa morusu.

Teboho: Se ka ts’oenyehang. Sohle se etsahala ka mabaka.

Mooki: A ko mpolelle, ke bona hore mokuli enoa a mona, liphieo tsa hae e se e le nako li sa sebetse hantle. Na u ne u tsebe ka taba e?

Teboho: Ena ke lehoetla ho nna, feela ke a tseba o ne a sa phela hantle ‘meleng, ho tloha bonyaneng ba rona.

Mooki: Hmk! Khale ke mo oka motho enoa, ke utloa ke sa utloisisi hore na molato e ne e le eng, ha a ne a sa u bolelle taba e ka’na.

Teboho: Le nna ke maketse feela joalo, ka nnete. (O sekisa meeokho)

Thabiso: Taba ena e thata,’m’e nna ha jaole ke tlameha ho tsamaea. Ke na le kopano ka hora ea leshome.

Teboho: Ke tla u bolella na o ntse a e-ea joang, ka mohala oa thekeng.

Thabiso: Ke a leboha mmate, ke tla ba bolella mosebetsing ha u tlo khona ho iponahatsa kajeno.

Teboho: Ho lokile hee!

Naleli: Ke kopa u nkemele hanyane, re tlo bua, ka kopo? (O tsoa a mo setse morao)

Thabiso: Ha nka otloa ke nako feela, u tla mpatala ka ho ea lijong tsa mantsibua le nna kajeno.

Naleli: Ha hona bothata, (O ea bonya) ne ke tlo u bolella hore ke ea u leboha, ha e le mona u ile oa ntoanela ea khumamela, ho Tatolo. Ka nnete ke a leboha.

Thabiso: Hmm! Nka tlohela joang kharebe e mali a matle tjee, e lematsoe ke senokoane seo sa moshemane? E seng ntse ke phela, ke ikana ka ‘M’e.

Naleli: (O ea bonya, o inamisa hlooho) Ka nnete ke a leboha abuti Thabiso.

Thabisio: Ke hantle hee moratuoa, e re ke pote lapeng, ke ilo itukisetsa ho ea mosebetsing.

***

Potso: Ke eng seo Liteboho a neng a se patetse lefahla la hae?