Ke ne ke le ngwanana ya dilemo di robong, ke dula le Mme feela. Re ne re dula re le babedi feela! Mme o ne a ntlhokomela ka mehla. Ke ne ke le ngwanana ya sa tsotelleng batho, a buang le batho ka mokgwa o fosahetseng, ke le dipuo di mpe. Ke ne ke sa tsotelle hore motho eo ke buang le ena o lekana le nna kapa o moholo ho nna na. Ke kgella batho fatshe, le bana ba bang sekolong. Ke ne ke ba etsa dipopo, ke ba laola ka mokgwa oo nna ke batlang.

Papading mebileng, ke ne ke bapala le bana ba bang hampe, ke ba shapa ha ke qeta be ke etsa e ka ha ke na phoso, ke isa phoso ka ho bona. Mme o ne a nkemela hohle. Ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng ke e batla kapa ke ekgalla, o ne a nthekela yona ntle le lesisitheho. Ha ne a ka a utlwa ke lla, o ne a hlaha ka bohale, a halefela bana bao ke ntseng ke bapala le bona.

“Ke hopola ka letsatsi le leng ke etetse habo motswalle wa ka, hobane e ne e se hole le lapeng, re ntse re bapala mantlwane. Ka hoba ke ne ke tlwaetse ho bapala le bana ba bang hampe, ke ha ke qhala dijo tseo ba neng ba di phehile kaofela. Ba ile ba nkgalefela, ba batla ho nkotla. Mme wa motswalle wa ka o ile a hlaha, a tlo utlwa morusu o kantle hore ke wa eng, o ile a nkgalemela hore hobaneng ke etsa ketso e mpe hakaalo. Ke ile ka mo arabisa hampe, ha ke qeta ke be ke mathela lapeng. Ka fihla ka bolella Mme hore mme wa motswalle wa ka o ntjhapile ke sa etsa letho, empa ha a ya shapa bana ba bang. Mme o ile a tswela ka ntle a se ntse a halefile, a rohaka mme wa motswalle wa ka a sa botse pele hore seo ke mmolellang sona ke nnete kapa ho etsahetseng. Mme wa motswalle wa ka o ile a leka ho ikokobetsa, a bolella Mme hore a theole matshwafo ba buisane, jwalo ka batswadi. Empa Mme ha ka a mamela letho, a halefetse hore ngwana wa hae o llelang. Mme wa motswalle wa ka o ile a qetella a tenehile le ena, a be a bua mantswe a sa nepahalang ho ngwana a monyane jwalo ka nna. A re, ‘O FETELLE O BO LO KENA MOBUNG O BATANG’”.

Ke hodile ka mokgwa oo o mobe wa ho tella. Ka letsatsi le leng ke ne ke itukisetsa hore ke ye Toropong. Ha ke le tseleng ke ile ka kopana le mme e mong mmileng wa dikoloi, le ena a ya a lebile ditekesing. Ha se re le ka hara sepalangwang one a dutsi setulong se pela sa ka, re ntse re inwella senomaphodi. Ke ha a ntshela ka sona ka phoso. Ha ke a batla le ho utlwa hore o ntshetse ka phoso kapa jwang, ke ha ke qala ke mo hlapaola ka mokgwa oo ke tlwaetseng, ke mo bitsa ka mabitso a sa lokang. Batho ka tekesing ba ne ba maketse hore na ho etsahalang eng.

Ke ne ke lebelletse hore le ena o tlo mpuela mantswe a mabe, empa o ile a re “Molimo o tla sebetsana le wena hoba nna ha ke na matla a hao”. Re theohile tekisi e mong le e mong a ya ho ilo phetha mabaka a hae a motlisitseng Toropong. Ha ntse ke tsamaya, ke se ke qetile ho phetha mabaka a ka le nna, ya re ha ke tshela mmila ke ya moo dipalangwang di emang teng, ho ile ha hlaha koloi e mathang ka lebelo le hodimo. Ha ke re ke a e qoba, e ile ya nthula ka ba ka wela fatshe. Ha ntse ke emetse ba thuso ya pele, setjhaba se ile sa phallela ho tla bona kotsi, le mme eo ke mo hlapaotseng le ena o ne a le teng. Ke ha a atamela pelaka a re, “Ditlamorao tsa ho se hlomphe batho ba baholo ho wena ke tsona tsena”. Batho ba thuso ya pele ba ile ba fihla, ba nkuka, ba nkisa ntlong ya kokelo. Ke ne ke tswile kotsi e mpe hloohong. Dingaka se ntse di bona hore ha ho na seo di ka se etsang, hobane ne se ntse ke le makgatheng a lefu. Sepetlele seo ke neng ke amohetswe ho sona, ba ile ba letsetsa Mme hore a potlakele hona teng. Tjhe! o ile a fihla ka potlako, ha a ka a senya nako le letho. O fihlile a se ntse a ntsha dikeledi. Ke ha se ntse ke mo thiba. Mantswe a ka a ho qetela ho ena e bile ana, “Ke tjena! Ke tjena tje ka lebaka la hao Mme! Ke ne ke nahana hore wa nthata, ke nahana hore ke yona tsela e lokileng ya ho phela le batho, le ho bua le bona. Kgathe o ntjhekela lebitla. O MPHOQILE KE O TSHEPILE HE MME MOTSWADI WA KA!”.

***