Mathata a aparela lefatshe ka bophara, tlhekefetso ya baka mahlomola ho Lerato. Lerato ke motho ya ikokobeditseng, ya nang le kutlwelo bohloko.

“Mme, nna ha ke sa rata ka sena se etsahalang mona” Lerato o ne a bua sena a le bohloko “Ntate o fetohile poho, re dula re phela ka dikeledi” Ke lerato eo.

Mmae e leng Mmalerato, ke Mme ya moya o fatshe, Mme ya tenehang ka pele,” Wa tseba keng ngwanaka? Ke batla o rutehe. O seke wa tshwana le monna enwa a iketsang poho” Ke Mmalerato
eo.

Ha ba ntse ba qoqa, ke moo monna wa hae a ileng a kena a nkga jwala phu! “Mmalrato?” Ha a realo a fetela dipitseng mme a di kupulla, “Ke batla dijo, ha o bone ke lapile?” Ke Thabiso eo.

“Wena ha o bone dijo ha diyo?” Ke Mmalerato eo ka ho teneha.
“Se ka nkarabela toti wena!” Thabiso o ile a araba a se a halefiile, maikutlo a phama.

“Wa ntella wena, ke ne ke o nyala ke tseba hore o tla ntlhokomela, jwale wena o iketsa moleko” Thabiso o ile a otla Mmalerato ha bohloko, o ile a mo otla ka setebele mme a qetelletse a se a mo raha ka dieta.

Lerato o ile a kena dipakeng “Tjhe ntate, o ka se etse Mme ka tsela e tjena” Thabiso o ile a otla Lerato ka mpama e tjhesang lerato a ba a dula fatshe a tswa mokola.

“Le tla ntseba lona” Ke Thabiso eo a leba ka phaposing ya ho robala, Lerato o ile a atomela Mme wa hae ka bohloko.

“Mme tsohle di tla loka tshepa Modimo “Ke Lerato eo, Thabiso o ile a kgutla a se a nkile sethunya. Lerato ha a bona sena o ile a qhomela thoko yaba o tswa ka lebelo le hodimo, sa kgabola sethunya makgetlo a mararo. Ebe Lerato o tla fella kae? Lerato o ile a balehela thabeng.

“Hobaneng nna? Jo! Ka phela bophelo bo thata, ho batla ke ipolaye” Lerato o ne a bua sena keledi di rotha marameng, eitse ha a tadima ka lehlakkoreng la hae a bona lefika.

“E seng ke lo ema lefikeng lane ke itihele fatshe?” Ke yena eo a ipotsa potso. Lerato o ile a leba lefikeng leo yaba o eme a shebela fatshe, “Ntate Modimo ke kopa o ntshwarele ka ke fihla ho wena, empa ha kena boikgethelo” Ke Lerato eo a qeta ka maikutlo a hae, Lerato o ile a
itihela fatshe yaba o a thetheha ho fihla fatshe.

Ka mora sebaka moshemane e mong o ile a fihla a tswa ho lo tsoma, yaba dintja tsa hae di hobula se sa feleng. Teboho o ile a atomela ho lo bona hore e be dintja tsena di hobula eng, ha a fihla moo a bona motho a hema ha bohloko.

“Ausi bothata ke eng? O hloka thuso” Ke Teboho eo a itukisa a ntsha mohala ho letsetsa koloi ya bakudi, Lerato o ne a leka ho araba empa a sitwa “Ke……KE……..hl………” Thabiso o ile a mo beha hantle le ho mo tsebisa hore thuso e tseleng.

Ka mora sebakanyana Teboho a le sepetlele o ile a kopana le ngaka.

“Ngaka, ebe ausi o ntse a ya jwang?” Ke Thabiso eo ka ho kgathatseha, “O ntse a ya hantle” Ke Ngaka Tau eo, “Nka kgona ho mmona ngaka?” Ke Teboho eo a botsa potso. Ngaka o ile a dumella Teboho ho lo bona Lerato. Teboho ha a tadima Lerato o ne a bona motho ya leng lekgatheng la lefu, Lerato o ne a le ka hara metjhini e moholo e tshehetsang bophelo ba motho.

“Ngwaneso, hore o ka phela o mpolelle hore bothata ke eng” Ke Teboho eo a tadimile Lerato ka mohau, “Ruri bophelo ke ntwa” Metjhini e ile ya hloleha yaba Teboho o tswa phaposing ya
bookelo ho lo bitsa ngaka.

“Ngaka, ngaka thuso motho wa timela” Ngaka di ile tsa kena ka phaposing ho pholosa bophelo ba lerato, Teboho o ne a eme ka ntle a ntse a ya hodimo le tlase. Ka bomadimabe dingaka di ile tsa hloleha ho pholosa Lerato.

“Abuti, o motho wa leloko kapa abuti wa hae?” Ke ngaka Tau eo, “Tjhe, nna ke ile ka bitsa koloi ya bakudi. Ke fumane ausi enwa a itihetse fatshe, ho bonahala hore o ne a palame tsullung” Ke Teboho eo a phumula dikeledi.

Teboho o ne a bona feela hore Lerato o hlokahetse ha ba mmotsa hore ke setho sa leloko.

“Ho lokile ya utlwahala, o ka ikela ka kgotso” Ngaka ha a ka a bolella Teboho se etsahalang.

Tlhekefetso e baka mathata, tlhekefetso e etsa kolo pelong ya motho. Teboho o ne a le bohloko ha a nahana hore Lerato o se a ile boya batho, “Banna, ebe ausi eo o ne a jewa ke eng ka pelong ya hae?”

Ke Teboho eo a tsamaya a ipotsa dipotso. “O hloka ho tseba hore ho etsahetse eng ka yena” Ke Teboho eo. Ebe Teboho o tla tseba hore ho etsahetse eng ka Lerato? Teboho a ipotsa dipotso jwalo jwalo a tsamaya a bua a le mong.

***

Re bolelle: Ke sefe seo ithutileng ka pale ena ya Keledi Tsaka?