Re holetse bofutsaneng. Empa ke hona ke elellwang ha ke se ke hodile. Ke ne ke nahana setjhaba seo ke holetseng hara sona se tletse lerato le mofuthu. BoMampuse le boThabiso, re palama dithabana, re feta diphula/dinoka. Re ikemiseditse ho ba le bokamoso bo kganyang.

“Jwale Thabiso ha o qeta thuto tsa hao tsa sehlopha sa leshome le metso e mmedi, o ikemiseditse ho tswellisetsa dithuto tsa hao pele kae?”

”Weee! O tsheha ditsietsi tsa ka Mapholoso ngwaneso? Ke tla patala ka eng thuto tsa ka tsa sekolo o ntse o iponela hore ke sitwa le ho reka le ha e ka ba pompong, ho hlatswa leleme lena la ka?”

“Ao ngwaneso! Ha ke buiswi ke bothotho, ke ntse ke batlisisa tsela e ntle ya hore re tswe bofumeng bona, re be le bokamoso bo botle, re kuke tjhelete ka di emere.”

“He! he!” E be re tla tshehela hodimo le metswalle ena ya ka.

“E reng ke le bolelle ka sephiri sena seo ke ntseng ke le patetse sona metswalle ya ka. Feela ke ne ke batla ho le makatsa. Le a bona ha ke ntse ke tsoha hoseng, ka masa, ke palama pere, ke tsamaya le Ntate, hangata ka Meqebelo?”

”Re ye re ipotse hore o be o ile kae.”

“Tjhe Mamello! Ke e be ke nkile dibuka tsa ka, e le hore ngwana wa Monghadi Van Rooyen a nthuse ka dipalo. E itse ha Ntate a molella hore dintlha tsa ka ha se tse kgahlisang hore nka kena lefapheng la thuto tsa bongaka, a ba re na ke batla hore ka meqebelo a kgone ho nthusa na? Jwale ba lelapa la ha Van Rooyen ba itse ba na le mokotla wa ho patalla bana ba mmalwa dithutong tsa bona tsa sekolong se phahameng jareng e tlang. Ba itse ka tsatsi le leng ke le kgobokanye, ha le ka ba palo e leshome le ho fetisa moo, ba tla bua le moetapele wa tulong ena ya rona, bonyane a re kadime phaphusi le ha e ka ba sekolong kapa kerekeng. Moo a tla kgonang ho buisana le rona. A re bontshe dikgetho tseo re nang le tsona, le hore re ka di tswellisa pele jwang.”

“Ao! Molemo o mokalo ngwaneso? Ha re tsebe re ka o leboha kang, mohale wa rona.” Ba bolela ba thabile.

Ba nkuka, e bile ba ba ba mpeha mahetleng a bona, e le thabo le tshepo tse ba neang matla ana a ho nrwala tjena. Empa ka tshoha hore ha ausi Marie a sa phethisi ditshepiso tsa hae, ke tla bona ke entse jwang? Hape ke tla be ke shebahala jwang setjhabeng sena sa heso?

“Eh! beso, ke ne ke hopola horeng re se ke ra bolella mang kapa mang lekunutu lena la rona, ho fihlela bane ba mosebetsing wa Ntate ba re fa letsatsi la ho phethisa mosebetsi ona. Le a tseba batswadi ke batho ba nkwang ke maikutlo, ba ka be ba se ba tsebisa le dira tsa rona, ra makala dintho tsa rona di re emela ka maoto. Butleng pele ke fumane karabo pele ho Ntate, kapa bekeng ena ha ke ya mosebetsing wa hae, Mmisisi e be ena a mpolellang.”

“Ao tjhe! o buile le hao ka thola warona. Ke nnete feela, le rona re tla mpe re thuse ka thapelo.”

Ka labohlano ra boela ra tsamaisana tsela, re ilo qetella dihlahlobo tsa Sesotho. Ha re ntse re ngola, ra bona mosuwehlooho a sebela titjhere Koadi, mme a tswa ka pele ka phaposing. Tshepe ha e lla ra beha dipene fatshe.

“Ee! pele nka lebala, jwale ka ha le tseba hore dikolo di a kwala kajeno, mosuwehlooho o re o kopa hore kaofela ha lona le kgutleng ka laboraro, le tla tla le fumana di raporoto tsa lona tsatsing leo, hobane ho na le taba e potlakileng, jwale tse ngata le tla di tsebiswa hona laboraro leo. Le tle le felelletse ka hora ya leshome hona hoseng hoo. Etsang bonnete ba hore ke amohela maqephe a lona kaofela pele le tsamaya. Ke hantleng he, re se re tla bonana ka laboraro.”

Bosiu bona boo, re sa ja dijo tsa mantsiboya, Ntate ke ha a mpolellla taba tse monate tse tswang lelapeng la ba ha Van Rooyen.

“Marie o re o ne a etetse kwana sekolong sa lona.”

“E! Ke mmone Ntate.”

Ka ba ka kena motho e moholo hanong a sa re o ntlisetsa taba tse monate.

“O boletse hore le ha o sa e sekolong ka laboraro, wena tsa hao dintho di se di lokile. O batla ho fa le bana ba bang monyetla ona oo wena o seng oo fumane.”

“‘Hilililili! Ntat’aMapholoso, ke taba tse monate jwang tseo. O bolela hore moradi enwa wa rona e tla ba ngaka ya pele ya mosadi sebakeng sena sa rona? Leboha ntat’ao ngwanaka, ka matsapa le thahasello ena a o bontshitseng yona. Ba bangata bontate ba itjhebetse maruo a dikgomo tsa mahadi a baradi ba bona. Efela wena o lehlohonolo e leng ruri, ka sehlabelo sena se ntat’ao a o etsetsang sona. O se ke wa mo phoqa he ngwanaka. E bile o se ke wa tsamaya o bolella bana ba bang, hobane hlopheho e tsosa mona le diketso tsa mafifi.”

Ra dumellana jwalo le baheso. Le nna ke ne ke se ke qetile le pelo ya ka hore ke batla ho bona hore na ke na le metswalle ya hlooho ya kgomo na, kapa ba tla mphetohela tseleng. Ka moo ke neng ke thabile ka teng, ke ne ke se ke bala dibuka tse nang le lesedi ka tsa kalafo ya disiki. La fihla tsatsi leo moithutoana e mong le e mong wa sehlopha sa leshome le metso e mmedi a neng a le emetse ka maoto. Ra latana, jwalo ka ha e ne e le tlwaelo. Matitjhere a ne a makalletse ka moo re neng re laoleha ka teng. E itse ha mosuwehlooho a atamela, a makatswa ke boitshwaro bo botle ba rona.

“Ke ne ke lakatsa hore kaofela ha lona bana ba ka, le be le menyetla ya ho etsa dithuto tse tla le isang mesebetsing ya ditoro tsa lona. Hore re be le setjhaba se tletseng kgotso, le motse o nang le hlaboloho le tswelopele. Ke ntse ke eba le dikopano le bo rakgwebo ba mmalwanyana, empa a bontshitseng thahasello le botho ke rapolasi e mong wa mona toropong ya Mohope.”

Ka utlwa ke ba motlotlo haholo ka Ntate, ka seo a re etseditseng sona, le ha e le mona mosuwehlooho a sa ka a bua ka karolo eo a e nkileng ho tsena tsohle.

“Jwale rapolasi eno o mphile mosebetsi wa ho fadima bana ba sebetsang ka thata dibukeng tsa bona, ba fumanang dintlha tse hodimo dithutong tsa Science, Biology, Geography le Maths. Feela le tsebeng he bana ba ka hore matsoho ha a lekane, le tsela tsa motho di tsejwa ke Molimo feela. Le ka dula fatshe metsotso e seng mekae ha Mosuwe Marumo a re latela ditlamorao tsa dihlahlobo tsa lona. Re kgethile ba leshome ho lona, ba fumaneng di maraka tse hodimo-dimo.”

“Ntle le ho senya nako, mosuwe o tla bitsa e mong le e mong ka ho latellana, mme ha a qeta ho o fa repoto, o tla o jwetsa moo o tshwanetseng ho nkemela teng. Marapo ke a hao mosuwe Marumo.”

Jwale ka ha ke ne ke tseba morero wa rona le batswadi ba ka, ka be ke itsamaela le ba bang. Ka hla ka bona hore metswalle ya ka e mmedi, e leng Mpuse le Thabiso, ba hlile ba setse mane holong. Ka tsamaya le ba bang ba metseng e haufinyane. Ka ba ka fihla hae, ka fumana Mme a mphehetse bohobe ba koro. O ne a tseba hore ke bo rata haholo. Ka le latelang Ntate a boela a ya mosebetsing, a ba a kgutla, metswalle ena ya ka e so tle ho tla mo leboha. Ra ba ra ipotsa re ikaraba, dijong tsa tinare, hore mohlong pelo tsa bona di sa ntsane di le bohloko, ka bomadimabe bo ba hlahetseng, ba ho se fumane monyetla wa ho tswellisa dithuto tsa bona pele.

“Ke ne ke nahana ho ilo ba bona tsatsing la kamoso Ntate, re lokise ditaba pele dikolo di bulwa.”

“Ba tlohele nnake, ka nako e nngwe batho ba bang ba sitwa ho leboha le ho hetla morao. Sesotho se nne se re ‘otla phela o le sera sa eo o mo thusang’.”

“O se mo felle pelo Mme, o sa ntse a etswa ke bonyane, rona tseo re di tlwaetse, re be re bitswe baloi.”

Ya eba Mantaha, e leng letsatsi la ho bulwa ha dikolo. Jwale ka ha ke ne ke tlwaetse hore re a latana le metswalle ya ka, tsatsing leo ya eba nna a phakisetsang ho ilo lata Mpuse. Kgathe ke ithetsitse. Baahisane ba bona ba nahana ke ba diehetse, ha e le mona e le kgale ba tsamaile, ba ntshiile. Ka kwaila, ke ipolella hore nka nna ka kopana le bona tseleng. Ka fihla sekolong. Ha ke hlodisa ka fenstere ya phaphusi ya mosuwehlooho, ka bona baithuti bao ba leshome, hara bona ka bona Thabiso, Mpuse le Moroesi. Ka tshoha, ka ba ka makala hore bana ba bararo ba se ba hlotswe feela le ke ho tla hae, bonyaneng ba tlo kopa Ntate a ba lebohele ho ba ha Van Rooyen? Ka nnete mehlolo ha e fele. Ke seo Ntate le Mme ba ntemohisitseng sona! Kelello ya kgutla, ya njwetsa hore mohlomong ba santsane ba sa kgolwe, ba ntse ba tla tla ba lebohe. Ka boela ka busa pelo, ka ba le nyakallo moeng wa ka. Ao! athe ke santse ke tla bona pitsi le mebala ya yona. Ka nako ya kgefu, ba boela ba iketsa seboka bana ba leshome, e ka re mang le mang a ba atamelang o tshwere ke lefu la lepera.

“He! Mapholoso, ho e ntse jwang ngwanabo e ka batho bana ba hao ke majelathoko? E tla mona ho rona, o se hloname ka baka la batho ba bang.”

Ngwana Molimo a ba a mphumula, a bona meokgo e batla ho theohela marameng.

Ha sekolo se etswa, ha e ba hona jwalo, ka itsamaela le bana bao ke neng ke dutse le bona ka nako ya kgefu. Ka tlelwa le ke mehopolo e mebe, ka lakatsa eka Ntate a ka buisana le ba ha Van Rooyen hore boThabiso ba phoqahale. Empa ka ho tseba hore Ntate o ne a ke ke a etsa sehloho se jwalo. Bekeng eo, ka moqebelo, ra boela ra ya mosebetsing wa Ntate. Thapameng eo, ha re fihla hae, ra utlwa lerata la medidietsane. Ha re shebisisa hantle, ra hlokomela hore ke habo Thabiso moo ho ketekwang teng.

“Ke re le ithusitse la leba mosebetsing, ke qeta ho latwa ke Mme Mothepane, o re hobaneng ke ikwaletse katlung, ke sa hlaha moketeng wa ho lebohela ngwana Besele, e leng Thabiso, ha e le mona a fumane monyetla o moholo wa ho ithuta ho ya pele jareng e tlang. Ha a kgutla moketeng, ke ha a fihla le Morena Seiso, ba swabile haholo ka ketso e entsweng ke ba ha Hlalele, empa ke itse ba e hate ka maoto.” Ho bonahala hore Mme o utlwile bohloko.

Ya fihla nako ya ho ngola dihlahlobo tsa makgaola kgang. Ho ntse ho le thata hara rona. Ra ba ra qeta ho ngola, ra amohela le ditlamorao tsa dihlahlobo tseo. Ntate, e leng motho wa kgotso, a mema batho ba motseng hore ba tle moketeng wa ka wa ho atleha dihlahlobong tsa ka. Ba ha Van Rooyen ba ntshwaretse dimpho, mohala wa thekeng le diaparo. Ha ke a ka ka utlwa tse ngata tse builweng ke Marie, ka baka la thabo le ho se kgolwe hore hosasa feela ha le dikela ke tla be ke palame sefofane se lebileng Cuba, ke ilo ithutela bongaka teng. Ha mokete ona o fela, ba tla tsamaya le nna hore ka meso, ke be ke palama sefofane. Ha ho se ho jewa, ba tla ho tla tla ntebohisa mahlabaphio ao a mararo.

“Ao! tjhe le nna ke a le lebohisa, le saleng le ithuta, le sebediseng monyetla oo le o fumaneng ho fetola maemo a lona le a setjhaba sa bo lona.” Ba se ba se ka mahlong.

Empa Moroesi ena o ne a shebahala a le mmeleng. Ntate wa ngwana e ka tshohang e le Thabiso. Ha ho le jwalo, ba tla tlameha ho lesa sekolo, ba hodise ngwana. Le teng e ne e se e se taba e nkamang. E ne e le letsatsi la ka la ho leboha Molimo ka seo a re etseditseng sona. Re ne re sa lebella se se kaalo ho bona, re ne re nahanne feela hore bonyane ba tla kopa Ntate a ba thuse ka ho kopa Morena a ngolle ba ha Van Rooyen lengolo la diteboho. Ka lehloonolo Morena a re lebohela re le setjhaba sohle sa Mehope. A fa ba ha Van Rooyen Seanamarena, ba ikgabisetse motse wa bona.

***