Alpheus le Lerato Tashinga ba ne ba tsamaile bosiu bohle ho tswa Port St Johns, ba nkile feela diaparo tsa ho tjhetntjha le pakana ya dikwava tsa naha.

Balebedi ba ne ba batla ho ba kgutlisa, empa kamora puisano ya nako e telele batswadi ba Lethabo ba kgonne ho kgodisa mookamedi hore mora wa bona o feela a amohetswe wateng ya batho ba kulang haholo sepetleleng sa poraefete sa Kroonstad MediClinic.

Alpheus o ne a shebeha jwalo ka ha eka o aparetse ho ya kerekeng; Lerato o ne a tsamaya ka lere la ho ikokotlela ka lebaka la qholo e bohloko, mme a bonahala a tsofetse haholo ho ka ba mme wa Lethabo.

Ha a bona Lethabo letsoho la hae le sa tshwarang letho la tlolela molomong wa hae. “Yo yo Lethabo! Ba o entseng?” A tshetleha lere la hae lehlakoreng la bethe mme a sika Lethabo ka diatla.

“Ho a loka mme. Dingaka di re ke tla fola hantle haholo. Ka nnete.”

Lerato o ne a bonahala a sa kgolwe, a sheba banteje mme a e tiisa kamorao hloohong ya Lethabo. Ke teng moo a lemohileng hore ho na le baeti ba bang ba mmalwa ka phapusing.

Pieter Cronje o ne a dutse ntlheng ya setulo, a kobile hlooho. Ho bona batswadi ba Lethabo ha tlisa meokgo mahlong a hae. Pela hae e ne e le Tersia ya neng a lla le yena. Esita le Monghadi Cronje, yah phuthileng matsoho a hae sefubeng, o ne a imetswe ka tsela e makatsang, mahlo a hae a tjametse lebota le kahodima hlooho ya Lethabo.

Ho ne ho na le batho ba bang hape ka phapusing: Monghadi Vosloo, Mookamedi wa Sekolo; mme wa Pieter, e leng Irene Cronje, ya neng a bonahala a tsitsipane mme a tsharakaka mokotlana wa hae hangata kapa a iphumula nko ka thishu, ho le teng le moeletsi wa baithuti wa sekolo ya neng a ngola dinoutsu pampiring eo a e tsheheditseng lengweleng la hae.

Basebetsi ba sepetlele ba tlisitse ditulo tse ding tse pedi mme ba ba kopa batswadi ba Lethabo ho dula fatshe. Monghadi Cronje a ema ho ba tshella metsi ho tswa botlolwaneng ya metsi e lehlakoreng la tafolaneng ya Lethabo. “Re a leboha ha le tlile,” a rialo, a ba fa galase ya metsi bobedi ba bona. “Le tswa hole haholo.” Monghadi Mr Cronje ya neng a sa tsebe hore a ka reng hape, a dula fatshe.

Jwale ha kgutsa hohle ka phapusing, bohle ba ile le menahano ya bona jwalo ka ha eka ba hlatseditswe lebopong la lewatle ke metsi sehlekehlekeng se seng seo ba sa s tsebeng moo ba utlwisiseng letho le etshalang; phofu le mohlorisi ba dutse ba tobane, le malapa a bona; maAfrika Borwa a matsho le a masweu a sibollang tshwano ya botho ba bona e kopanyang ditjhaba tsohle.

Ho Lethabo sena se ne se bonahala eka ke kgutso ya phodiso, ya mofuta oo a neng a tshepa hore o tla fumana e mo emetse ha a tshela mola wa mekwallo ho hlaba ntlha qetellong ya bophelo ba hae.

Kamora metsotso e mmalwa Mofumahadi Tashinga a thetha sekgohlela mme a bua. Leha mahlo a hae a ne a kgomaretse ho Lethabo, a ntse a pholla letsoho la hae, ha a ka a bua le motho ka ho kgetholoha. O phetile pale ya ha Lethabo a sa ntse a hola Port St Johns: ka moo a neng a rata dipapadi ka teng mme e ne e le yena wa pele ho ya lewatleng ho ya bapala rakbi kapa bolo ya maoto le bashemane ba baholo. “Eng feela e neng e na le bolo,” a itshehela. “Esita le lehapu la naheng le ne le lokile.” A mo phaphatha letsoho.

Lelapa lole le ne le nyakalletse ha Lethabo a tla sekolong sa ‘makgowa’ – ba nkile sena e le monyetla o sa atang. Ba ile ba mo hlokomedisa hore ho ka nna ha ba boima qalong, empa ba mo hopotsa hore tsohle di ka kgoneha Afrika Borwa e ntjha. Ena e bile thuto ya Ntate Madiba, Mofumahadi Tashinga a rialo. Haeba Lethabo a sebetsa ka thata mme a ikwetlisa ka thata, o ne tla fumana monyetla wa hae. Nako ya hae e tla fihla.

O itse e bile toro ya hae ya bophelo bohle hore bana ba hae ba se tsebe kgethollo eo a e tsebileng bophelong ba hae ha a ntse a hola mahaeng a Afrika Borwa, moo batho ba batsho e neng e le batho ba seng bohlokwa. O ne a bone kgatiso ya seXhosa ya Molaotheo o motjha e hlonngwe ka posong ya Port St Johns, mme mantswe a yona a ne a le monate hoo a neng a ithutile a mang a ona ka hlooho: “MaAfrika Borwa ohle a tswetswe a lokolohile mme a lekana ka seriti le ditokelo – Ke ne ke sa nahane le ka mohla hore ke tla phela ho fihlela ke bona ntho e tjena e ngotswe leboteng la poso,” a rialo, pele a kgefutsa metsotswana e mmalwa.

“Ha ke tsebe hantle hore ho etsahetseng ka leihlo la moraka, mme mohlomong ekaba hantle,” a hemela hodimo, a nanabela ho lokisa banteje hape. “Seo ke se tsebang ke hore Lethabo ha se moahi ya seng bohlokwa. Kajeno, hosasa, le ka ho sa feleng, re hlaloswa ke diketso tsa rona, e seng mmala wa rona. Ke seo re se tsebang le seo re se rutileng mora rona.”

A oma ka hlooho ho bontsha hore o qetile, mme phapusi ya aparelwa ke kgutso hape ho fapana le ho kgwaritsa ha pene ya moeletsi wa baithuti. Empa e bile kutso ya tsitsipano lekgetlong lena, mme bohle ba imoloha maikutlo ha Monghadi Cronje a ema setulong mme a parola phapusi ho ya bula fenstere. Ha a bua ho tlile ka tsela e makatsang, haholoholo hobane lentswe la hae le ne le le bobebe – e se sebetsa se kgarumang seo a neng a se sebedisa lebaleng la papadi la rakbi.

“Lethabo ke e mong wa batho ba sebete ka ho fetisisa bao ke ba tsebang,” a qala. “Lebaleng la rakbi o tebetswe, a rahwa, a rohakwa ka kgethollo ya mmala, mme ho nna ke bona eka o dula kgutla a matlafetse lekgetlo le leng le le leng. Ha a kgona ho etsa sena lebaleng la dipapadi, o tla kgona ho se etsa le kantle ho lebala la dipapadi. Ke lona lebaka leo ka lona ke mo entseng mokaptene wa sehlopha.”

Pososelo e sa atang ya hlaha mastatjheng ya Mongahadi Cronje ha a kopanya mahlo le Lethabo. Yaba a o thinya, a tsamaela ho Pieter eo sefahleho sa hae se neng se ntse se iname mme se patilwe ke moriri wa hae o mosehla. Monghadi Cronje a ile a beha letsoho la hae ha bonbebe molaleng wa morahae.

“Pieter o hlahetse lefatsheng le fapaneng, lefatshe la menyetla ke nnete,” a rialo. “Kamehla re ne re batla hore e be sebapadi se hlwahlwa ka ho fetisisa. Kgatello e ngata ho feta tekanyo ke ntho e mpe ruri. Ke abona jwale hore ke behile kgatello e matla haholo hodima Pieter hobane ke batla hore a kwale dikgeo tseo nna ke di sa di kwalang bophelong ba ka. Sena ha se na toka.”

Ka letsoho le le leng la hae le ntseng le tshwereng Pieter, Monghadi Cronje a nanabela ho haka mosadi wa hae ka le leng, ya ileng a qalella ho bokolla le ho itlhakola ka thishu e ntjha e tswang mokotleng wa hae. “Mofumahadi Tashinga, o nepile,” a tswela pele, a mo shebile. “Bohle re a lekana. Pieter o na le bophelo ba hae, mme ke lekile ho mo bopa ka tsela e batlwang ke nna. E ne e le taba ya nako feela ho fihlela a kgathala mme a hlasela motho e mong. Ke lokela ho jara boikarabello bakeng sa se etsahetseng.

“Ke tshepa hore ke tla ithuta se seng ho tswa ho sena. Ke beheletse Pieter ka thoko nakwana sehlopheng, mme o tla lefella ditjeo tsa Lethabo tsa bongaka ho tswa dipolokelong tsa hae, leha ho ka mo nka dilemo tse mmalwa. Le yena o tlameha ho ithuta ho jara boikarbello.

“Hape ke kopile Mosuwehlooho ho theha tshebeletso ya dikeletso tsa maikutlo bakeng sa ho thibela mofuta ona wa kgethollo ya mmala le dikgoka hore di se etsahale hape.”

Ka mantswe ana mokwetlissi a kgutlela fatshe setulong.

Haeba mantswe a Monghadi Cronje a ne a makatsa, se etsahetseng kamora mona se batlile se etsa hore Lethabo a wele betheng. Pieter, eo ho fihla jwale a neng a sa kgona le ho etsa modumonyana feela, a ema setulong, a tsamaela ho potoloha bethe mme a beha matsoho a haka mme wa Lethabo. Ha a qala ho lla, mme wa Lethabo a mo tshwara a mo tiisitse. Bobedi ba ne ba sa batle ho tlohellana.

*****

Seretse. Se rellang se setjha. Se setenya ho feta difolete tsa di-prawn tse thathikang le Noka ya Umzumvubu. Lethabo a utlwa nko ya hae e hlohloba kahare ha a robetse ka sefahleho fatshe lebaleng la papadi, a kwetlisle bolo ka sephaka sa hae.

Letsoho la mo thetsa molaleng, le leng lehetleng, le le leng. Aba mo phaphatha mokokotlong. Ba mo rafola moriri. Ba mo lebohela. Yaba motho e mong o ho hula ka molala.

“Ena ke try ya selemo, more,” ho rialo Pieter, ha a kgutletse sehlopheng kamora ho behellwa thoko dikgwedi tse tsheletseng. “Ha se mpe hakaalo bakeng sa moshemanyanawa mahaeng Transkei.”

Lethabo a lahlela bolo moyeng a thabile. Ba ne ba sa ntse ba le morao ka ntlha, empa na sa na le monyetla wa ho e eketsa “conversion”. Ho setse metsotso e mmedi feela tshupanakong. Haeba thaho e ka tlola mokwallo ba hlotse, haeba e sa tlole ba hlotswe. Lethabo a tsheha haholo ha a lemoha hore lena ke lekgetlo la pele bophelong ba hae moo a neng a se a sa ngongorehiswe ke dintlha.

Letshwele la hlaba mahofi, sebuelahole sa tlerola. Lethabo a sheba moo batho ba dutseng mme a bona Tersia tlasa sekgele, moriri wa hae o tsokwa ke moya, sephaka sa hae se hakile ntate wa hae.

Ho na le ntho ntle e fetohileng, o ne a se na bonnete ba hore ke eng.

“O tlameha ho raha,” Lethabo a rialo, a kgitla Pieter mpeng ka bolo. “O se tshwenyehe.” A mo phaphatha mahetleng mme a mo robela leihlo. “Hopola ntho e le nngwe feela: Ha o ka fosa nna ke hapa kgaitsedi ya hao, ho lokile?”

Pieter a tsitsisa bolo, e tjhetjhela morao, mme a korola mekwallo: “O a tseba Lethabo, ho moya monna,” a rialo. “Mohlomong ke lokela ho kobela bolo leqeleng – ha ke tsebe hantle.”

Modumo wa bolo ha e rahwa wa tshosa dinonyana tsa di-hadeda tse neng di tsorame sefateng sa jacaranda se kamora mekwallo.

Thoko mane dikgohola tse neng di tlorosela hodima marulelo matlo Kroonstad tsa utlwahala feela jwalo ka maqhubu a lewatle Port St Johns.

*****