Lethabo o ne a dula a maketse ke tsela e fapaneng eo ka yona batho ba mo tshwarang, hobane jwale o ne a bapalla sehlopha sa pele sa rakbi. Pele a nyollelwa boemong bona ho ne ho batla ho se motho ya mo lemohang; o ne a batla a sa bonahale ho bang, e le mohloka-lebitso wa Transkei. Qalong, ha batho ba ne ba bua le yena ka tlwaelo e ne e le ho mo tlaka ka ka mekgoro ya marulelo a jwang kapa ho dila ka bolokwe fatshe, kapa ho mo soma ka dieta tsa hae tse tjheko e tlase tse rekilweng spazeng – empa ke moo matla a batswadi ba hae a neng a fella teng.

Ditho di ne di fapane haholo ha Lethabo a fihla sekolong ka Mantaha kamora hore a nkgisetsane mahafi le senatla-moshanyana se bitswang Bakkies. Metswalle, dira, dikgarebe – esita le matitjhere – bohle ba mo dumedisa kapa ba bososela le yena, esita ho ema ba mmotsa hore o ikutlwa jwang. Ka nako eo a neng a qeta thuto ya hae ya pele ya letsatsi o ne a se a qoqile le batho ba bonyane 50, mme ha a kena ka phapusing ho dula fatshe komiti ya kamohelo e ne e mo emetse, e bopilwe ka ba bang ba dibapadi tsa sehlopha sa habo ba ileng ba hlaba mahofi ka tshohanyetso.

“Mothaka enwa Bakkies e ne e le sehanyata sa nnete! Lethabo o mo ratlantse jwalo ka monna wa letsopa,” ho tjho Jerome Foster, ha a tshetlehela letshwele.

“Ag, ha se taba e kaalo ena,” ho tjho Lethabo, a ikutlwa a le dihlong hanyane ka ho tlotlwa ho hokana.

“Se ke wa inyatsa! Lethabo o bapetse ka bokgabane – hoja o mmone!” o tlotlwa ke Pieter Cronje, a inamelang pele hara bomphato ba hae ho haka thapo mahetleng le ho mo hlokohla moriri. Yaba o tjhetjhela morao mme o supa leihlo le lerama la Lethabo tse ruruhileng: “Ke o jwetse, haeba o nahana hore sena ke tshenyo e kgolo o tla kwenya mantswe a hao ha o ka bona Bakkies! Ha ke kgolwe hore mothaka eo o sa tla qholotsa ‘bo-ntshonyana’ hape haufinyana!”

Bohle ba phatloha ka ditsheho, mme jwale Lethabo a hopola hore ena e feela e le nako ya thabo e fetisisang bophelong ba hae. Pieter e ne e le kgalala e ratwang ka ho fetisisa sekolong. O ne a hlomphuwa ke bashanyana ba bang bakeng sa bokgoni ba hae dipapading le maemo a hae a ho ba Motlatsi wa Moetapele wa Bashanyana, mme a kgahla banana ka dibopeho tsa hae tsa sethellisi sa lewatleng – mahetla a sephara, mahlo a maputswa le moriri o mosehla. Hodima tsena e le taba ya hore ntate wa Pieter, Monghadi Cronje, e ne e le mokwetlisi wa sehlopha sa pele sa rakbi mme ho ne ho le bonolo ho bona hore ke hobaneng tebohelo ya Pieter e le tlotlo e kgolo e le ka nnete.

Ho ne ho na le lebaka le leng le bohlokwa haholo ho feta la hore ke hobaneng Pieter a hlomphuwa hakana hara bashanyana sekolong: kgaitsedi ya hae, Tersia Cronje. Ho re Tersia e ne e le ngwana e motle ka ho fetisisa sekolong e ne e le ho pheta nnete e totobatseng – jwalo ka ho bolela hore lefatshe le letjhitja mme lewatle ke metsi.

Tersia o ne a le motle hoo esita le siling e neng e bonahala eka e a qhibidiha ha a tsamaya ka phapusing. O ne a le motle hoo o neng o ka tshaba ho mo sheba nako e telele esere wa tshoha mahlo a hao a se a kgomaretse ho yena. Esita le titjhere ya sehlopha sa hae Monghadi Hanley, (monna ya dilemong tse mahareng, ya nyetseng mme ya ditedu di putswa le moriri o ntseng o phumuha) o ne a lemohilwe hore o qeta nakwana e telele ho belaetsang ha a le deskeng ya Tersia, a hlalosisa ka botlalo ho rarahana ha ‘continental drift’.

E ne e se feela sebopeho sa hae se phethahetseng le seemo sa dimmotlelara tse etsang hore a kopanye mathaka ohle dihlooho – le mohlomong basadi ba bang kaofela. E ne e le mafolofolo a hae. Ha a o sheba e ne e ka o fefotswe ke moya o matla le ho otlana lerung le fofang ka lebelo le matla. Ho wela fatshe ho ne ho tla ba bohloko empa o sa tlo belaela!

Mohlomong ho ne ho feela ho itoketse ka yona nako eo ha Lethabo a ne a ikutlwa hore bophelo bo ke ke ba ntlafala, moo a ituletseng teng a hakile Pieter ka letsoho mme a potilwe ke balatedi ba mo ratang, Tersia a hlaha monyako.

“Ha se moo,” a rialo, a ya ho Pieter mme a tlosa moriri o tlileng sefahlehong sa hae se hohelang ka monwana. Lethabo a utlwa eka pelo ya ha e a ema mme e qalella ho uba ka sekgahla se potlakang makgetlo a mararo ho feta sa tlaelo. Tersia jwale o ne a eme hantle ka pele ho yena, haufi ho lekana hore a bone meririnyana ya hae e mesehla e mmalwa e butswelehela molomong wa hae. O ne a rata metseronyana e menyane e mahlong a hae a botala ba lehodimo hoo ho mo nkileng metsotswana e mmalwa ho lemoha hore metsero eo e mo shebile. “Hela Lethabo. Ke o lebohela ka papafi ya hao ya Moqebelo. O ne o haketse ruri.”

Lethabo a qala ho tshwenyeha a nahana hore o a lora. Na ke Tersia Cronje ya qetang ho bua le yena? Ha ho le jwalo, o tseba hantle hore o hloka ho araba, empa ha se be modumo o tswang molomong wa hae ha a ahlama. E ne eka boko ba hae bo dubakantswe ke motswako o tsekedisang wa letswalo le thabo mme jwale leleme la hae le holofetse.

“Aha. Leihlo la hao le lemetse,” ho tjho Tersia, ya bulang mahlo a hae ho le phatla e phatsimang silika. “O bile mohale wannete o a tseba, Lethabo. Kaofela re bone se etsahetseng.”

“Ee, ehlile ke mohale ka nnete kajeno,” Pieter a tlatsetsa. “Leha a bonahala eka o tsamailwe hodimo ke bese. Ha ha ha!”

Ditsheho tse ding tsa perela tsa utlwahala ka phapusing. Tersia a tswapetsa seshobana sa moriri wa hae kamora tsebe mme a tjamela Lethabo, pososelo e etsang sefenenyana molomong wa hae.

“Bonnete ke nahana hore o tla loka,” a rialo. Ha a rialo a lahlela mokotla wa hae lehetleng mme a tswa ka monyako.

Ha titjhere e fihla ho qala thuto Lethabo o ne a bososela makgetlo a dimilione ka dimilione hole kwana, lerung le lesweu, a rura hara sepakapaka.