Moahlodi o a kgefutsa mme o re sheba ka matlo a tiileng kahara digalase tsa hae tsa mahlo.

“Kopanong eo ke sa tswa ba le yona ka diphapusing tsa ka ho dumellanwe hore ka lebaka la boemo ba moaho ona bo bobe haholo, le ketsahalo ya tshohanyetso e hlahileng ka lebaka la ho ikgapelwa ka dikgoka ha moaho ona, badudi bohle ba City Views ba tla fuwa bodulo ba tshohanyetso ba nakwana ke masepela.”

Ra hemela hodimo kaofela. Ke ne ke sa lebella sena e le ka nnete. Ke ne ke nahana hore re tla tswelapele ho dula City Views ho ya ho ile. Ke utlwetse ka dipale tse buang ka boemo ba nakwana – mme ke tseba hore ka tlwaelo ho nka nako ho bo hlophisetsa.

“Ho lokisetsa bodulo bona ke taba ya bohlokwa, mme Toropokgolo ya Johannesburg e laelwa hore e fe malapa ana tshehetso ya ho fallela tulong e ntjha e bolokehileng nakong ya matsatsi a mahlano. Ba nnetefaleditse horeba tla kgonahats sena.”

Bohle re sala re ahlame ke ho makala ha re nahanisisa sena. Ba tla ba potlaka he!

“Bothata ba hajwale ba badudi ba seng molaong moahong ona bo boholo ho feta ditaba tseo re neng re rerile ho buisana ka tsona kajeno,” Moahlodi o tswelapele. “Hajwale, eyang malapeng, mme le pake thepa ya lona, le itokisetse ho falla. Ke le lakaletsa bohle hore le falle ka polokeho. Lekgotla le qhadilwe.”

*****

Jabulani o ntse a bapala ka sebapadiswa sa hae sa lorinyana ka phapusing ya ho phomola ya folete ya rona e ntjha. E sebakanyana ho tloha City Views, empa e haufi le Aphiwe le ausi wa hae, le ho Khanyi le lelapa la hae. Ka hona re tulong e le nngwe.

Re ka nna ra re re phonyohile The Confiscator hajwale, empa ha re a phonyoha a mang a maemo a mabe a bodulo kahara toropo ao re neng re na le oona City Views. Folete yua rona e nyane haholo, empa re na le phapusana e nngwe hape ho feta tseo re neng re na le tsona lapeng la kgale. E ntse e tletse haholo le yona. Re ile ra lokela ho ikenyetsa mohele le senotlolo lemating. Motlakase o dula o tima le ho kgutla nakok yohle, mme ka nako e nngwe re fumana metsi a futhumetseng ha ka nako e nngwe re sa a fumane.

Ke ikutlwa ke wele moya mabapi le sena ka matsatsi a mang, haholo hobane ha ke sa na pono ya ka hodima marulelo ya toropo ka nako ya dikgohola tsa diaduma. Empa sena e sa ntse e le kgato e lebisang botleng, ke nahana jwalo. Bonyane masepala ke monga moaho wa rona mme ho fapana le senokwane se kotsi.

Ke ntse ke ya ke tlwaela sebaka sena. Ke sa ntse ke tsamaya diterateng tsona tsela tsa pele ho ya sekolong. Ho mpa ho le holenyana jwale. Bonnete Aphiwe le nna re feta City Views ha re tsamaya ho ya le ho kgutla sekolong letsatsi le leng le le le leng. Ke boikutlo bo makatsang. Ha se batho bohle ba tswileng moahong, leha ho fanwe ka taelo ke lekgotla. Metswalle ya ka e mengata ya kgale e sa ntse e dula teng, mmoho le makgolokgolo a difahleho tse ding tse ntjha. Confiscator o sa ntse a tsamaisa moaho oo, mme o sa ntse a le lenaneng la ditlokotsebe tse batlwang ka ho fetisisa ke mapolesa. Sena se etsa hore madi a ka a bele ha ke ipotsa hore na boemo bo tjena bo ka dumellwa jwang ho tswelapele.

Aphiwe o fetotse mantswe ao a buang ha a bona ke qala ho futhumala. Jwale o re: “Uh-oh. ’Afro ya hao e a tuka. Lemohang bohle. Pheliswao tla le bontsha hantle!”

Sena seetsa hore ke bososele lekgetlo le leng le le leng, empa o nepile. Ke fetohile. Ausi wa Aphiwe, Cebisa, ha a sa tla ho bona nkgono wa ka ka boitshwaro ba ka ba borabele jwale. Ke hobane ha ke sa ikutlwa ke hloka tshepo jwale. Ke a tseba hore ke hloka ho etsang ha ke ikutlwa ke hotela ka hare. Ho isa tshosetso ya rona ya ho ntshwa moahong lekgotleng ho qadile tsela e telele e mputseng mahlo.

Ke batla ho ya sekolong sa molao mme ha ke qetile ke batla ho lwanela ditokelo tsa batho tsa ho fihlella bodulo kahare ho toropo le ho ntshwa meahong e kahara toropo ka tsela e hlokang leeme. Ke tseba se nepahetseng le se fosahetseng jwale, mme ke batla ho ithuta hore na nka sebedisa molao jwang e le hore o sebetse ka tsela eo o e reretsweng. Khanyi o ithutile, ka hona le nna nka kgona.

Ha e le Monghadi Besturd, bonnete, ke tshepa hore o lemohile hore ol ehlohonolo hakae hore a fuwe kahlolo ya ho sebetsa kantle ho tjhankana le tefo e kgolo, ho fapana le ho kwallwa tjhankaneng. Empa ka mohlomong ke ikutlwa ke sa kgolwe. Khanyi o nthutile ho lwanela ha ho itshireletsa bakeng sa ha ho ka etsahala hore ke thulane le setlokotsebe se jwalo ka yena mafifing. Ke ipotsa hore na o sa tla fumana moaho wa hae hape ho tswa ho The Confiscator?

“Pheliswa? Na o se o itokisitse ho qala ditaba?” Khanyi o a bitsa, a bososetse haholo ha a hlaha ka hlooho lemating le ka pele.

Nkgono wa ka o sisinya hlooho, empa ke a tseba hore o motlotlo ka nna ha ke tswa ho ya sebetsa le Khanyi. O ntlhopiseditse ho sebetsa le yena jwalo ka lekolwane la CALS matsatsi a mang le a mang a phomolo ya dikolo. Ke motho ya hantle ka ho fetisisa.

Ke nka mokotla wa ka setulong ha ke tswa ka tlung, mme ke suna kgaitsedi ya ka ho ba sadisa hantle.

“Ha re ye ho di baka kgotsi!” Ke a tsheha, ha ke robela nkgono wa ka leihlo mme ke tswa ka monyako.

Ha re ntse re tsamaya kahara toropo ke dutse ke butse mahlo hore na nka bona moshemane elwa ya hloklang lehae le bukana ya hae e pokothong e ka morao, elwa e o ke mmoneng tekesing ka letsatsi lela. Ke nahana ka yena nako yohle, ha ke lemoha hore ho ka be ho bile bonolo hakae hore ke qetelle ke le seterateng jwalo ka yena. Ke batla ho mo thusa. Mme nke ke ka tlohela ho fihlela ke mo fumane.

***

Re bolelle seo o se nahanang: Na Pheliswa o fumane tjhesehelo ya hae bophelong? Na o se o fumane motjha wa bophelo oo o ikutlwang o tjheseha ka oona hajwale?