Maikutlo a phahama ka kgotla. Basadi ba Komiti ya Twantsho ya Ho Ntshwa Moahong wa City Views ba jele lesela, mme ba mametse ka hloko lentswe le leng le le leng le buuwang. Maphelo a rona a tlokotsing. Lena ke letsatsi leo ka lona Moahlodi a tla etsa qeto ya hore na re tla tswelapele ho dula City Views, kapa haeba re tla hloka mahae. Maikutlo a phahama le ho theoha jwalo ka kotjho. Ke tletse ntwa, empa ke qetile manala a ka ka meno ke ngongoreho. Re feela re phela tlokotsing kajeno.

Komiti ya rona e nyenyefetse hanyane. Babelaedi ba nyahamisitse batho ba bang. Empa ho lokile, re sa ntse re lekane ho tlatsa mela e mmedi ya ditulo tse ka pele ka lekgotleng. Ho betere ho feta ha ke ne ke le mong feela mona. Mme nkgono wa ka o teng le yena, o itiisitse. O phathatsa letsoho la ka nako yohle ha Khanyi a ntse a teka ditaba tsa hae, e leng se etsang hore ke bososele ka lerato, leha taba e tsekwang e le e mahlonoko ka ho fetisisa.

Sefahleho sa monga moaho wa rona se tlerefetse hampe ke kgalefo. O dutse pela ramolao wa hae, monna e moholohadi mme ya nkgopotsang lekgwaba. Meritshana ya hae e harelaneng e kangwa ho ella lehlakoreng hloohong ya hae e phatsimang ke lefatla. Metsotso e meng le e meng e mmalwa Monghadi Besturd o hwesheletsa ka tsebeng ya hae, ha a tjametse Khanyi ka tjhebo e tletseng lenyatso.

Khanyi o qeta ho teka nyewe ya rona.

“Ke qetile Mohlomphehi–” O emisa ka makalo ha lemati le buleha.

Ke lemoha molebedi ya ileng a tlamella nkgono wa ka ho saena tsebiso ya ho ntshwa moahong. Moriri wa hae o kopakopane mme madi a rotha ho tswa lebading le letsho le lehlakoreng la phatla ya hae ha a kgothometsehela ka lekgotleng.

“Ho etsahalang moo?” ho botsa Moahlodi.

“Mohlomphehi! Monghadi Besturd! City Views e hapilwe. Ke baipei ba seng molaong! Ke tswa teng. Ditaba tsa yona di ntse di pepeswa diteisheneng tsa thelevishene ha ke bua tjena.

Basadi bohle ba bolokong ba rona re ema ka maoto. Tshabo e a qala.

Thwa! Thwa! Moahlodi o otla ka hamore ya hae. “Kgutso ka kgotla. Kgutso!”

Nkgono wa ka o itshwere mmetsong. Jabulani! Malapa ohle a rona!

“O batlang moo? Ke o jwetsitse hore o sireletse moaho wa ka, sethoto tooe!” ho hoeletsa Monghadi Besturd, a ema a nanabetsa, ditebele di le kapele, ho ya lehlakoreng la molebedi.

“Tshwarang monna eo!” ho laela Moahlodi.

Monghadi Besturd o lahlela ditebelo tse mmalwa lepoleseng le mo atamelang. Ka panyo ya leihlo ba mo betella fatshe ho thula foluru ka sefahleho, mme matsoho a hae a tlamellwa kamorao.

“City Views ke moaho wa ka. Ke na le ditokelo! Molao rona ha o sebetse! Haeba o ne o ntlohetse hore ke sebetse taba ena ka moo ke batlang moaho oo o ka be o se na batho mme o sireleditswe hona jwale. Nka be ke se mona. Ho ka be ho se baipei ba seng molaong ba keneng moahong. Matsete a ka be a sa na le bolennyana hona jwale!” o a hoeletsa.

“Mo ntsheng ka mona!” ho laela Moahlodi. “Leqosa, lata thelevishene ya bopaki hanghang mme o e emise mona. Ha re boneng se etshalang City Views.”

Komiti e bonahala e hlaphohelwa mmoho ha ba lemoha se etsahalang ditabeng tse nyarosang. Basadi ba phamola mekotla ya bona mme ba empa ka potlako, ba hoeletsa le ho bokolla.

Moahlodi o otla ka hamore ya hae hape: “Kgutso ka kgopla! Dulang fatshe kaofela. Ha re se ferekaneng pele re utlwisisa boemo bona. Kgutso! Kgutsang!”

Ka nako eo mantswe a rona a kokobelang ho fihlela re hweshetsa thelevishene e a tingwa. Pelo ya ka e a tlolatlola ha setshwantsho sa lapeng se tlala sekerine. Nkgono o tiisa letsoho la ka. Ribono e tlase sekerineng e a haroloha: ‘Ditaba tse ntjha; Seqhobane sa Moitshepi se hapa moaho kahare ho toropo.’ Motlalehi o ntse a bua kapele ho moaho: “City Views, moaho ona o tsofetseng o ka moraka mona kgutbung ya Joburg, o hapilwe ke senokwane se bitswang The Confiscator. O re o etsa sena lebitsong la badudi mme o ntse a ntsha melaetsa ya thwitha nakong yohle eo ba e qetileng moahong ona ho tloha hoseng.

“Malaetseng ya hae monna enwa, eo twitter handle ya hae e leng @TheConfiscator, o re, ke a qotsa, ‘Ha ho baahi ba se nang molato ba hlokofaditsweng kapa ho ntshwa moahong ona hoseng hona’.”

Pelo ya ka e a tlola. Ke lakatsa eka re ka be re tlile le Jabulani kgotla ho fapana le ho mo siya le batho ba bang bao re arolelanang folete ya rona le bona.

“O tswelapele: Barekisi bohle ba dithethefatsi le boradiotswa ba tebetswe moahong ona’.”

Ke a tseba hore seo a se bolelang ke hore barekisi ba dithethefatsi le boradiotswa ba hlodisanang le yena ba ntshitswe moahong. Mothaka enwa ke letlakala la motho feela.

“Mme hona ka nako eo: ‘Basadi bohle le bana ba bolokehile, ba ipheletse mme ba lokolohile ho ka sala kahara moaho’.”

Ke tshepa hore o bua nnete.

“The Confiscator o bolela hape hore: ‘Monga City Views, Monghadi J. Besturd wa Houghton, o jara boikarabello bakeng sa boemo bo nyontshang ba ditaba moahong ona’.”

“Sena ha se nnete!” ho hoeletsa Monghadi Besturd, ya tlanngweng ka mahlahahlela empa a ntse a le ka lekgotleng.

“Ke itse mo ntsheng ka mona!” ho kgaruma Moahlodi.

Motlalehile wa ditaba o tswelapele: “O re, ‘Khampani ya ka e tla lokisa disebediswa tsa bohlokwa moahong ona ke tla se etsa sebaka se setle, se sireletsehileng ho ka phela ho sona’.”

Sena ke seo The Confiscator a se buang kamehla ha a hapile moaho, empa ke utlwile dipale tse ngata ka yena. Ke a tseba hore ha se nnete.

Motlalehi wa ditaba o tswelapele: “O fane ka polelo e reng, ‘Ho fihlela beng ba meaho le mmuso wa Afrika Borwa ba bapala sabo sa bona ho rarolleng bothata kgubu ya toropo ya Joburg, hake na boikgethelo empa ke lokela ho hapa meaho ena ho netefatsa bophelo bo botle bakeng sa bohle.’”

Ho ba le lerata le leholo ho tswa Komiting.

Moahlodi o otlanya hamore ya hae haholo mme o a kgaruma: “Bohle ka lekgotleng, ke sa nka kgefu e kgutshwane. Babuelli, ntateleng diphausing tsa ka. Hona jwale! Bohle ba teng ba ka sebedisa diselefounu tsa bona ho hlahloba hore malapa a bona a ntse a ya jwang. Se ke la tsamayang.”

Moya wa diselefounu o butswelwa ka matla nako metsotso e ka bang leshome. Nkgono wa ka o letsetsa modudisani le rona. Ke ikutlwa ke kula ke ngongoreho.

“Ha ho bothata Pheliswa,” o rialo ha a qeta. “Jabulani o bolokehile. Dinokwane di ne di le teng foleteng ya rona empa di se di tasmaile.”

Ke ikutlwa ke kokobetse, empa ha ke na ho kgona ho hema hantle ho fihlela ke sikile Jabulani ka matsohong a ka.

Moahlodi o kena ka lekgotleng mme o dula fatshe. Ha a bua o bua ka lentswe le tiileng mme le hlakileng.

“Taba ya pele, leha ke hlokomela hore ditho tsa Komiti di hophisitswe ka batho ba molaong, ba lefang rente, bao e leng badudi ba City Views, ke hloka ho supa hore badudi ba seng molaong ba na le ditokelo tse lekanang le tsa lona. Ha ho motho ya lokelang ho ntshwa moahong ntle le taelo ya lekgotla.”

Nkgono wa ka o ntjheba ka ho tshoha, mme ho ba le mantswe a utlwahalang kahra Komiti.

“Batho bohle ba na le tokelo ya ho ba le lehae,” o rialo. “Molao o hloka hore re sekehele maemo ohle tsebe ha re etsa bonnete ba hore molao o sebetsa ka tsela eo o lokelang ho sebetsa ka yona.”

Ke hopola monna elwa eo ke mmoneng ha ke ne ke palame tekesi. Moahlodi o nepile. Motho mang kapa mang a ka iphumana a le boemong bo tshabehang ka lebaka le seng phoso ya hae. Ke ka hona ho lokelang hore maemo ohle a sekehelwe tsebe.

“Ke tshohlile boemo bona ba tshohanyetso le baemedi ba molao bohle ba teng, ho kenyeletswa moemedi wa masepala wa lehae,” Moahlodi o tswelapele. “Molao o hloka hore bobedi mmuso le beng ba meaho ba rerisane ka tsela e amohelehang le badudi pele ba ka ntshwa moahong. Ho hlakile hore monga moaho ona o hlolehile ho etsa jwalo.”

Mantswe a hweshetsang ka tumellano a utlwahala hohle ka lekgotleng.

“Ke bomadimabe hore Toropokgolo ya Johannesburg ha e a rerisana le Komiti e teng mona. Leha ho le jwalo, ke utlwisisa hore ba na le mabaka a mang a mangata a amang tsa bodulo. Hape ke utlwisisa hore beng ba meaho le bona ba na le ditokelo.” A kgefutsa. “Ha ke etse tsena tsohle hloko, ke fihletse kahlolo ya ka.”

Lekgotla la kgutsa, mme bohle ra kobehela pele. Ebe re phonyohile ho ntshwa moahong? Haeba ho jwalo, nako e kae?

***

Re bolelle seo o se nahanang: na ho lokile hore beng ba meaho ba thibelwe ho etsa seo ba se ratang ka meaho ya bona? Hobaneng ho lokile kapa ho sa loka?