Letsatsing le latelang Yongama one a le teng, a mo emetse. A mo haka ka letsoho la hae ka tsela e mo sireletsang. Ke hangata jwang a ileng a lora eka a ka mo thetsa? Mme jwale, o ne a se a lakatsa eka a ka dula a behile letsoho la hae jwalo ho ya ho ile, mme a dule a le teng ho mo sireletsa, le ho sireletsa Kwezi.

Empa nnete ke hore hang ha Liyabona a tswa ka ofising ya Mosuwehlooho, o ne a tla be a setse a le mong.

“Nke ke ka etsa jwalo,” a rialo ho Yongama.

A tlosa letsoho la hae. “Eng?”

“Ha ke kgone ho etsa seno. Yongama, mamela, mme o utlwisise. Ha ke kgone–”

Empa sefahleho sa hae sa tlala kgalefo. “O ntshwabisitse, Liyabona. Wena hara batho bohle. Ke ne ke nahana hore o ka ikemela.”

“Ha se nna. Ke hore feela–”

Empa Yongama o ne a se a sa mamela. “Ha ke dumele hore o hana ho ntshehetsa tabeng ena. Ona e ne e le monyetla wa ka o le mong feela, ke ne ke le teng, ke mmone! Bonyane haeba nka jwetsa Mosuwehlooho hakere o tla tla ha a o bitsa ho paka se etsahetseng?”

Empa a bona letswalo ka mahlong a hae, kgwao e mmeleng ohle wa hae ha a ella thoko ho yena, a qamaka a tshohile.

“Kgele!” A itebela kahara seatla. “Ha ke dumele hore o ka mphoqa ka tsela ena. Kamora … kamora …”

O ne a tseba hore na o tlo reng. Kamora hore a mo pholose. Empa ha a ka a qetella polelo eo. Yaba o a itsamaela.

“Yongama!” a mo hweletsa, leha a ne a sa tsebe hore o tlo reng ho yena. A ikutlwa a tjheswa ke dihlong ha a nahana hore na Yongama o nahana eng ka yena, le ka moo a lefileng molemo wa hae ka ho mo phoqa.

Empa yaba o bona Dumile. O ne a ntse a ba shebile. A tla ho yena.

“O entse ntho e ntle, ngwana. Re ka kopana ka ntlwaneng hape, ho jwang? Re kgone ho tsebana hantle le ho feta.”

O ne a nyekelwa ke pelo ha a mathamathela ka jareteng ya sekolo hore a tlohe pela hae. O ne a ke ke a hlola a ipona a le pela ntlwana ya setjhaba ho hang. A hopola ka thapama e nngwe ha a ne a feta ngwanana we mong ya neng a lla, a hlaha ka ntlha ya matlwaneng, ha a ne a tswa boikwetlisong ba pina. Ka nako eo o ile a nahana hore ho na le ntho e nngwe e mo llisang. Jwale o se a ipotsa hore na mohlomong le yena ha ho na ntho e mo hlahetseng ha a le ka ntlwaneng.

Thutong ya pele ho ne ho se titjhere. E ne e se thuto eo a e etsang mmoho le Akhona le Nosi. Ka hona o ile a dula mme a etsa seo a neng a tseba hore se tla mo kokobetsa maikutlo. A ingolla thothokiso.

O tseba ka ho hlaka hore ke eng se lokileng, le se sebe,
Se lokileng ke eng, ka moo o lokelang ho bua nnete.
Ho wena se hlakile jwalo ka botsho le bosweu
Hore ke eng se sa lokang ho ka se etsa, mme ke eng se nepahetseng.

Empa lefatsheng la ka, o lokela ho bona
Ho na le bothokwa, bothokwa boo ke lokelang ho ba bona.
Hoba ha ke bua, hore bohle ba utlwe,
Mohlomong ba bang ba ka hlokofala,
Bao ke ba ratang, mme ba leng pelong ya ka.

Ke bone kgalefo mahlong a hao
Ka batlile ho fetola mohopolo wa ka.
Empa ha o a ka wa ema ho mamela mantswe a ka
O ntshiile hole, hole morao ho wena.

Mme ka nako e nngwe tsela e arohana habedi
E, ho jwalo, e nngwe e sutjwa ke matshwao a tsela
Empa tsela eo e ntse e ka lebisa felleng
Mme nna … ke batla ho dula ke phela.

A tabola leqephe leo bukeng ya hae, a le mena ka hloko mme a le kenya mokotlaneng wa hae. Mmele wa hae wa boellwa ke boikutlo ba kgutso butlebutle, mme qetellong ya thuto a ya ho bona Akhona. Jwale letsatsi la batla le tswella jwalo ka ka tlwaelo.

Le letsatsi le latelang, le le latelang kamora lona. Phapang e ne e le hore feela o leka ho qoba matlwana a boithuso. O ne a ntse a hloile ho ya matlwaneng a banana hobane boemo ba wona bo ne bo mpefetse le ho feta jwale. E ne e se yena feela. Ka letsatsi le leng le neng le tjhesa haholo ngwanana wa Kereite 8 a idibana ka lebaka la motjheso. O ne a sa nwa metsi a letho letsatsing leo e le hore a se tlamehe ho ya matlwaneng.

“Eish, matlwana ao,” ho tjho Akhona, ka kgefu e nngwe. “Ke sa ya ntlwaneng ya bashanyana. A mabe jwalo feela ka ho tshwana, empa bonyane o tswa kapele.”

Liyabona a mo tshwara. “Ntshepise hore le ka mohla o ke ke wa ya moo!”

“Hobaneng?” Akhona o ne a maketse ke ho phehella ha hae.

“Ke utlwilwe ba re bashemane ba etsa mehloko ka moo.”

“O utlwile seo ka mang?” Akhona a botsa. Ka tlwaelo e ne e le yena mmaditaba, e seng Liyabona.

Liyabona a sisinya mahetla. “E mong wa bana ba Kereite 8.”

Yaba matsatsinyana ha morao, letsatsing lela le tshosang, Liyabona o ikutlwa a tjheswa ke dihlong tsela hapehape. Mantswe a hae a ile a fetoha nnete. Menyenyetsi ya jaleha sekolong sohle jwalo ka vidiyo e hasanngwang. Ngwanana wa Kereite 9 o ne a hlekefeditswe ka ntlwaneng.

“Ke utlwile motho ya bokollang a sa emise,” ngwanana e mong a jwetsa Akhona le Liyabona. “Ke ne ke le phapusing e haufi le matlwana. Titjhere a ya ho bona hore ho etsahalang. Mme e itse re sa ntse re dutse moo ra bona Dumile a feta pela fenstere. O ne a tsheha.”

Ha morao letsatsing leo Liyabona a bona Yongama, ofising ya Mosuwehlooho, a kgothatsa ngwanana eo e monyane. Yaba o a ipata hore a se ke a mmona. Hobane o ne a tseba hore ho mo tjamela ha hae ho tla be ho bolelang: haeba a ne a ile a tla, sena se ka be se sa etsahala.

Batswadi ba ngwanana eo ba tla sekolong. Ntate wa hae e ne e le moqhobi, mme wa hae e le mooki, mme ba ne ba halefile hampe. Ba ne ba batla ho hlahlela nyewe. Dumile a tlohela sekolo.

Yaba menyenyetsi e dula e tswela pele. Dumile o kene tjhankaneng. Tjhe, nyewe ya hae e nyahladitswe, ha ho a ba le dipaki. Tjhe, ngwanana eo o hanne ho fana ka bopaki. Empa Dumile o ne tshwaretswe ntho e nngwe e fapaneng.

Liyabona o ne a leka ho kwala ditsebe tsa hae ho se utlwe tsena tsohle. O ne a batla ho lla lekgetlo le leng le le leng ha a bona ngwana eo wa Kereite 9 ka phatjhising. O ne a batla ho ya ho yena, a kope tshwarelo. O ne a bona ngwanana enwa jwale a shebeha a hloname hoo a neng a se a sa kgone ho bososela. Ho utlwahala hore Dumile o ne a fumane nako e lekaneng hore a mo utlwise bohloko le ho mo hlekahleka – mme o ne a mo kwetse molomo hoo a qadileng ho lla feela ka mora hore Dumile a tsamaye.

Mme sena sohle e ne e le molato wa Liyabona.

Empa jwale ha a bona kgaitsedinyana ya hae thapama, o ne a tseba hore o ne a ke ke a kgona ho etsa letho.

O ne a halefetse Yongama, a halefetse lefatshe lohle, a halefetse matlwana a ditshila ao. O ile a ngola thothokiso le ka wona.

*****

“Hela, kgotsi, wena le ho ngola dithothokiso tsa hao. Kenela tlhodisano ena.”

Nosi o ne a supile papatso. Makasine ya lehae e ne e tshwere tlhodisano bakeng sa dithothokiso tsa bana ba mekgahlelong e fapaneng ya dilemo. Liyabona a tla ho yena. Phoustara ya teng ene e le mebala e metle, e le botswalle. Dimpho di ne di le kgolo.

Letsatsing le latelang a romela thothokiso ya hae. A e romela ka selefounu ya hae, atereseng ya imeile e fanweng phoustareng. Empa ha a ka a romela thothokiso ya ntlwana, o rometse ela ya bothokwa. Ke mang ya ka batlang ho mamela thothokiso ya matlwana!?

Yongama o ne a se a se na taba le yena sekolong jwale. O ne a mmona le Babalwa, ngwanana e mong ya sebetsang ka thata sehlopheng sa Materiki, ya neng a sebetsa ka thata mme a sa bososele ha ngata. Pelo ya hae ya utlwa bohloko. Empa o ne a ikgantsha haholo hore a ka ya ho yena, hore ba bue ka se etsahetseng. Mme a phumula nomoro ya hae founung ya hae. O ne a se e le sehopotsi feela jwale sa dihlong tsa hae, molato wa hae, le seo mohlomong se ka beng se ile sa etsahala…

***

Re jwetse: Na matlwana a sekolong sa heno ke sebaka se nyarosang, mme se tshabehang?