“Le kgale, o ke ke wa hakanya hore ke mang ya tlo bua pokanong ya sekolo!” Sefahleho sa Akhona sa hlasimoloha ke thabo. A sheba tlase ho metswalle ya hae e meraro, e neng e dutse bankeng kantle, ba orile letsatsi la hwetla.

“Queen B,” Liyabona a tjho.

Akhona a bidikisa mahlo a hae.

“Bonang? Tlohela ho bapala hle, kgotsi, ena ke taba e kgolo ka nnete.”

“DJ Loyd,” ho tjho Nosi. Bobedi ba bona ba tsheha, mme ba otlana ka di-high five.

“Haeba o sa batle ho tseba jwale ke tla ilo jwetsa batho ba tla thabela ho di utlwa.” Akhona a ikgakanya eka ha a tsotelle, moriri wa hae o lohilweng o shobilwe kotolaneng e lohilweng.

“Ho lokile, Ho lokile, kgutla. Ha re batle ho utlwa.” Liyabona a bososela a shebile motswallae. Akhona ehlile o a di shwashwatha, ebile tsa hae ha di robaletse.

“Yongama Gebe! O tlo bua le rona!”

“Eng? Yongama!” Lentswe la Nosi la batla le tjha. “Hao, ha ke dumele!”

Empa jwale e se e le Akhona le Nosi bobedi ba shebileng Liyabona, mme o ituletse a kgutsitse. “Se ke wa etsa eka ha o mo hopole, Liyabona. Bonnete, ke hopola eka ho kile ha ba le nthonyana dipakeng tsa lona, ha ho jwalo? Ke hopola ke tjha mpa le seatla hanyane feela. Ee … dintho di ile tsa batla di futhumala ha nako e ntse e eya,” Nosi a tsheha. “Leha o ne o sa le letjitjinyana la Kereite 10 mme yena a le Kereite 12. O ile wa hla wa hohela leihlo la hae.”

“Ee,” ho dumela Akhona. “Ke a se hopola seo. Hao, motswalle, ke letsatsi la hao la mahlohonolo!”

Liyabona a ikutlwa a tlalletswe. O ne a sa ikemisetsa sena. Lebitso lena Yongama Gebe le mo pshatlile hara hlooho. A leka ho itlama ho bosesela hore metswalle ya hae e se lemohe ka moo a neng a ikutlwa ka teng. “Ee, ke a mo hopola. Tseo ke ditaba tse monate.”

Empa bonnete o ne a sa utlwahale a kgolweha.

“O a kula, kgotsi?” Akhona a ikgakanya eka o pholla phatla ya Liyabona ho utlwa motjheso. “Hobane o ne o rata ho matha ka mora hae jwalo ka borakana ba hae.”

Liyabona o ne a tseba hore Akhona o emetse hore a ke a tlake hanyane, a mo tshehe. Empa o ne sa kgone.

Hobaneng Yongama eo a tlameha ho kgutlela bophelong ba hae le ho kgutlisa mehopolo e fetileng jwale – haholo jwang ha dintho di itsamaela hantle ha kaa? Keng a ne a sa itulele kolejtheng kwa, kapa hohle moo a tswang teng, mme a kgaohane le bona ba itswelle ka maphelo a bona? Kapa, a kgaohane le yena, Liyabona, hore a itswelle ka bophelo ba hae. Boo a ikahetseng le ho itjhorisetsa bona butlebutle nakong ya selemo sohle se fetileng.

Jwale Nosi o ne a bonahala a tshwenyehile. “Tjhe Akhona, ka nnete. Ho na le phoso ka ngwanana enwa. Ekaba–”

Ka lehlohonolo tshepe e reng nako ya kgefu e fedile ya lla, mme ha ba tsamaya Siya and le banana ba bang ba tsamaya le bona, jwale Akhona a kgona ho ba tsholela tse ntjha. Jwale ba tsheha hona hoo Nosi le Akhona ba ileng ba lebala ka Liyabona.

Yena Yongama elwa? O tjho yona naledi ela e sirang letsatsi?”

“Ya neng e le hlooho ya baithuti? Elwa ya hlahileng hara ba 10 ditlhahlobong tsa materiki profensing? O tjho yena elwa ya nang le “six pack” ya makejakenane…”

“O re o kgutletseng ho lee la rona? O a bona hore ha a re lebala kaofela, hobane jwale o yunefesithing. Nna le kgale nke ke ka kgutlela sebodung sena sa sekolo.”

“Mohlomong ho na le tlhodisano ya tantshi,” Siya a hakanya, mme a bososediswa ke monahano ona. Yongama o ne a ja leoto e le ka nnete, mme le yena o ne a sa itheke morwala ha di tjeka sebayeng.

“Kapa mohlomong o tlo qala tlelapa ya chess.” Nonkuleleko o ne a bapetse makgetlo a mmalwa ha moithaopi e mong a ne a fihla sekolong, mme a makatsa batho bohle ka talenta ya hae. Empa jwale tlelapa ya nyahama le ho nyella ha moithaopi eo a kgaotsa ho tla.

“Ke dimakatso,” ho tjho Akhona a feteletsa, a sa batle ho bontsha hore o ne a sa tsebe letho. “Ke itsebela feela hore o tlo fana ka molaetsa wa bohlokwa pokanong bekeng e tlang.”

Letsatsi leo lohle ke ha baithuti ba sa ome mathe. Bashemane ba ne ba hopola ka moo e neng e le kgalala ya bolo ka teng, dikgarebe tsona ha re sa bua. O ne a feela e le e mong wa bashemane ba tummeng ka ho fetisisa ba kileng ba kena Sol Plaatje High.

Ha ho motho ya lemohileng ka moo Liyabona a neng a ikugutseditse ka teng. Boikutllo ba hae ba ho teneha ba mo kgwebetha kahare, mme a utlwa a imolohile ha nako ya ho ya hae e fihla.

A fumana kgaitsedi ya hae e mo emetse hekeng, jwalo ka kamehla. Ka tlwaelo o ne a thaba ha a mmona a thabile, ho mo utlwa a bua ka letsatsi la hae, ka metswalle ya hae. Jwalo ka ha eka o qala o mo qoqela, ha a sa le sekolong sa mathomo. Empa jwale lentswe la hae la mo tena hanyane. “Thola,” a mo ja ka bohale. Kgaitsedi ya hae ya mo sheba, a maketse, a tona mahlo mme a bonahala a utlwile bohloko.

“Ke maswabi, Kwezi, ke tshwerwe ke hlooho.”

O ne a ka mmolella nnete jwang? Lebitso lela ‘Yongama’ la kgutlisa mehopolo eo a neng a batlile ho e pata nako e teletsana, mehopolo eo a neng a ka thabela ho lahlehelwa ke yona ka ho sa feleng…

***

Re jwetse hore o nahanang: Ke eng se ka beng se etsahetse ka Yongama hore a kgopise Liyabona ha kaa?