Basadi ke dikgauta tsa lefatshe,
Bathehi ba malapa.
Batshwara thipa ka bohaleng.
Balwana ntwa ka sebete,
Ntle le tshabo kapa lona letswalo.
Basadi ke ba etapele ba malapa.

Hare hlokomeleng basadi,re bafe lerato.
Re ba tshware jwalo ka mafumahadi.
Re ba rate ka ho sa feleng.
Re ba rate hoya lefung.
Re ba rate ntle le kgethollo,
Ntle le tlhekefetso.

Ntle le basadi lefatshe leka ema,
Le ka hloka botsitso.
Basadi ke dipalesa tse kgabisang,
Lefatshe ka mebala bala.

Bontate holekane tlohelang,
Tlohelang hoba utlwisa bohloko.
Basadi, basadi, basadi.